Ntshetsopele ya Molao wa Tsamaiso ya Toka
DIQETO TSE ETSUWANG TSA MOLAO
LE
DIQETO TSE ETSUWANG TSA TSAMAISO
DIPHAPANG
THUPELO YA MARENA YA HO ETSA QETO YA MOLAO
Kholetjhe ya Toka le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ke tsona tse fanang ka thupelo ena.
PHAPANG PAKENG TSA QETO YA MOLAO LE QETO YA TSAMAISO
Marena a sebedisa matla a ho etsa qeto ya molao le matla a ho etsa qeto ya tsamaiso. Ke ntlha ya bohlokwa ho utlwisisa phapang dipakeng tsa tshebetso tsena tse pedi hobane molao o sebediswang ho e nngwe le e nngwe ya tsona o fapane.
Qeto ya molao e etswa ha Morena a bitswa ho tla ahlola qabang e dipakeng tsa batho ba setjhaba kapa a lokela ho sebetsana le tletlebo ya e mong wa batho ba setjhaba sa hae ya sa kgotsofatswang ke diketso tsa e mong. Ha batho ba babedi setjhabeng ba dumela hore bobedi ba bona ba na le matla a ho fudisa makgulong a itseng sebakeng se le seng mme ho bitswa Morena ho tla ahlola hore bathong ba babedi bana hantlentle ke mang ya nang le tokelo ya lekgulo le sebakeng seo, qeto e etswang mona ke ya molao hobane sepheo sa yona ke ho rarolla qabang e teng. Ha motho a le mong setjhabeng a qosa e mong ka ho utswa dikgoho tsa hae mme nyewe ena e tekwa ka pele ho Morena, qeto e jwalo e lokelang ho etswa e tla kenyeletsa tshebediso ya matla a qeto ya molao.
Ha motho e mong setjhabeng se itseng a kopa Morena tumello ya ho fudisa diphoofolo tsa hae makgulong a itseng, kapa a kopa tumello ya ho haha ntlo sebakeng se itseng, Morena o tla sebedisa matla a tsamaiso a ho etsa qeto e jwalo ntlheng ya hore a nehelane ka tumello kopong e jwalo. Qeto ya tsamaiso e laolwa ke karolo ya 33 ya Molao wa Motheo le ke Molao wa Kgothaletso ya Tsamaiso ya Toka wa 2000. Ho latela molao ona qeto e nngwe le nngwe kapa mohato wa tsamaiso o nkuwang ke Morena o lokela hore o be le toka, o utlwahale mme o hloke leeme.
Morena ya entseng qeto ya tsamaiso kapa ya nkileng mohato wa tsamaiso, ha ho etsahala hore a kotjwe ho fana ka mabaka a qeto ya hae , o lokela ho ba le bokgoni ba ho fana ka mabaka a ngotsweng ho motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di behilweng ka mosing ho latela qeto ena kapa mohato ona wa tsamaiso. Ha mabaka a sa hlahiswe, motho ya etsang kopo ya ho fuwa mabaka o na le hona ho ka leba lekgotleng la dinyewe ho qobella hore a fuwe mabaka. Ha ho fanwe ka mabaka mme motho ya amehang a dumela hore ha se a molao, ha a utlwahale ebile le mehato ya ona e na le leeme, motho eo a ka etsa kopo lekgotleng la dinyewe hore qeto e entsweng e boele e lekolwe botjha.
Molao o amanang le qeto ya tsamaiso o thehilwe molaong wa tlwaelo, empa jwalo o se o kentswe molaong ka Molao wa Kgothaletso ya Tsamaiso ya Toka. Batho ba kenetseng thupelo ena ba tla fuwa khopi ya bukana eo sehlooho sa yona e leng ?Tataiso e sebetsang ya Molao wa Tsamaiso?. Bukana ena e fana ka tataiso ya mohato o mong le o mong wa ho etsa qeto ya tsamaiso, mme mohato wa pele ke ho lekola motheo o fanang ka matla ho motho ya lokelang ho etsa qeto kapa ho nka mohato o itseng.
Marena ha a etsa diqeto tsa molao, a lokela ho ikamahanya le Molao wa Motheo, metheo ya molao o tlwaelehileng mabapi le taba ya ho etsa qeto le dipallo tsa molao ofe kapa ofe o fanang ka matla a jwalo. Mokotaba wa seo ho ileng ha sebetsanwa le sona boholo mona thupelong ena ke o amanang le ho etsa qeto. Diqeto tsa molao di ka iswa boipiletsong kapa tekolong e ntjha.
